Focus (Maize)											SESOTHO

Sepheo sa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi



Instructions: 

Folio strap: Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi

Byline: Jane McPherson, Manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi

Grabber: Ntshetsopele e mabapi le batho – e mabapi le motho ka mong.

 

Mona Afrika Borwa, ho teng balemi ba bangata bao e leng bahwebi ba tsebang tsa bohwai bona hantle, ba hlahisang dijothollo dife le dife, ba nang le mefuta efe le efe ya mehlape. Ha re haellwe ke tsebo mabapi le mosebetsi wa bolemi – seo re se hlokang ke ho fetisetswa ha tsebo le bokgoni baleming ba batho ba batsho e le hore ba kgone ho ba dihwai tse tiileng, tse ikemetseng. 

Metheo ya ntshetsopele e tiileng le bophelo bo tiileng ba dibaka tsa mahae/mapolasi e kenyelletsa tsepamiso ya maikutlo mehloding eo motho ka mong a nang le yona, le hore ho ya ka bonamodi bo shebilweng, mehlodi e seng e le teng e ka eketswa jwang. Mehlodi ena ke dintho tse fapaneng – tse amanang le kamano pakeng tsa batho, tse amanang le ditjhelete, tse ka angwang ka letsoho/tse bonwang ka mahlo, tsa tlhaho le tsa botho. Hore ntshetsopele e tiye, e tshwanetse ho thehwa mehloding e seng e ntse e le teng, e leng e sebediswang ke batho ho bokella dijo le tjhelete. Bodulo bo tswetseng pele ba batho bo tlisa tse latelang: keketseho ya tjhelete e kenang, bophelo bo botle, phokotseho ya boemo bo kotsi, keketseho ya paballeho ya dijo hammoho le tshebediso e tiileng ya mehlodi ya tlhaho. Tshebetso ya ntshetsopele e theilwe matleng le mehloding e leng haufi le batho. 

Se bakang bofutsana ke dintho tse fapaneng, mme ka mehla se dulang se bonahala bofutsaneng ke – tjhelete e nyane eo motho a e fumanang, tlhahiso e tlase hammoho le ho hloka tsebo. 

Ho hloka tsebo le theknoloji ya sejwalejwale

Hangata batho ba futsanehileng ba qhelelwa ka thoko theknolojing ya sejwalejwale le mekgweng ya tlhahiso ya sejwalejwale, mme ba tswela pele ka mokgwa wa bona wa sekgalekgale wa ho etsa dintho lebaka feela e le hobane ha ba a atametswa mekgweng e molemo le ya sejwalejwale ya ho etsa dintho. Batho ka kakaretso ba kgahlanong le diphetoho, mme ba tshaba tseo ba esong ho kopane le tsona. Ho bona ho bonolo ho tswela pele ka mokgwa o le mong wa kgale hobane ba tseba hore ke mokgwa o sebetsang. Hopola hore ha ba tsebe hore ho teng mekgwa e metjha, e molemo, eo ba ka e sebedisang. Hangata ba ka rata mekgwa e fokotsang kotsi ya ho nyopa ha dintho. Ba sitwa ho leka sejothollo se setjha, jwalo ka mohlala, hobane ba tshaba tahlehelo ya paballeho ya dijo tsa lelapa. Ka mananeno a rona a kwetliso le ntshetsopele, re tshwanetse ho beha batho leseding la mekgwa e molemo ya ho etsa dintho, mme hape re tshwanetse ho ba tshireletsa kotsing ya ho nyopa ha merero, ka ha hona ho na le sekgahla paballehong ya dijo tsa lelapa. 



Dikgaello tsa ka ntle

Dikgaello tsa ka ntle e ka ba taba ya ho tlohella batho ba futsanehile, mohlala, komello, dikokwanyana, dikgohola, ho tloswa ha meru, ho fudisa mehlape ho fetang tekano, kgoholeho, boemo bo fokolang ba menontsha ya mobu, le esiti mobung. Ha o futsanehile, o hloleha ho ela dintho hloko – ho ka nna ha etsahala hore mohlomong ha o tsebe ka inshorense ya dijothollo, hape ho ka nna ha etsahala hore ha o tsebe hore e fumanwa jwang. Ha sefako se matla se ripitla masimong, dijothollo di ka nna tsa senngwa ka hohlehohle, mme balemi ba ka nna ba iphumana ba hloka dijo. 



Ditshitiso tsa melao

Re tlamehile ho hopola hore batho ba arohane, mme motho ka mong o tlamehile ho laola bokamoso ba hae. Motho ka mong o tlamehile ho fuwa matla a ho etsa diqeto ka kutlwisiso e phethahetseng le ho utlwisisa ditlamorao tsa dikgetho tseo motho a di etsang. Hangata batho ba leng maemong a puso ba rata ho etsetsa batho diqeto le ho laola bophelo ba bona. Ntshetsopele efe le efe e tshwanetse ho simolla fatshe, mme e lebe hodimo. Batho ba tshwanetseng ho una molemo ba tshwanetse ho utlwisisa bonamodi, e be bona ba batlang tshehetso, le ho lebella menyetla. Mananeo a simollang hodimo ho ya tlase hammoho le diprojeke tse jwalo di baka taba ya ho itshetleha haholo ka bonamodi ba ka ntle.

 

Boitshetleho ka dinaha tsa Mafatshe a Boraro (a sa tswelang pele haholo)

Hang ha re se re amohetse hore motho ka mong o jara boikarabelo ka bophelo ba hae, re tla utlwisisa hore “ho fa batho tlhapi” ha se tharollo ntshetsopeleng. Ntshetsopele e tiileng ke e mabapi le matlafatso ya batho hore ba kgone ho ikemela. Dijo tseo batho ba di fuwang di baka taba ya ho itshetleha ka ba bang, mme hantlentle e thibela batho hore ba sitwe ho fihlella boemo ba ho ikgona le ho ikemela.

 

Ho qhekanyetswa ke ba reng ba hlalefile 

Hara setjhabana sefe le sefe ho ba teng batho ba hlahileng ka mahetla, ba maemo a itseng, mme ke taba e swabisang ha batho ba jwalo ba hatella le ho qhekanyetsa mafutsana.

 

Mabaka a ikonomi

Ho teng mabaka a mangata a fapaneng a ikonomi a futsanehisang batho, mohlala, ho hloka tjhelete, ho hloka tumello ya ho nka sekoloto, ho hloka borakgwebo, ho hloka sebaka sa ho boloka thepa, ho hloka dithuluse le disebediswa, infoleishene (ho phahama ha theko), mmaraka o mahareng, bosiyo ba tjhelete ya dijothollo, diporeisi tse tlase tsa dijothollo, bosiyo ba teranseporoto le puisano le diporeisi tse sa tsitsang tsa thepa.

 

Ho teng diprovense tse itseng tsa naha ya rona tse seng di batla di tshwana le boithuto ba buka ya bofutsana bo sa foleng. Batho ba ntse ba phela, empa ba ntse ba aparetswe ke bofutsana le ha ba kgona ho fumana mehlodi e metle ya tlhaho. Dikarolo tse kgolo tsa diprovense tsena di na le mebu e tebileng, mofuthu o lekaneng le dipula tse lekaneng mabapi le tlahiso e ntle ya dijothollo le dipeo tsa oli. Le ha ho le jwalo, ho sa boetse ho le teng mabaka a mang a sitisang tswelopele: 

Bofutsana, le tshenyo e tliswang ke bona, le tshabo e teng paballehong ya dijo tsa lelapa. Batho ba tshaba phetoho, hobane ba mpa ba re feela ba mpe ba phele; 

Bosiyo ba meralo ya motheo – ditsela ka ho qolleha, disiu tsa ho bokella dijothollo le ho omiswa ha tsona;

Bosiyo ba disebediswa tse ntle tsa temo – diterekere, disebediswa tsa ho phetholwa ha pele ha mobu, diplantere, difafatsi tsa boom, metjhine ya ho kotula le ditereilara;

Mehlodi e fokolang ya tse sebediswang mobung;

Katamelo e nyane mabapi le ho nka sekoloto;

Katamelo e fokolang mebarakeng;

Kabo e fokolang ya ditshebeletso ke mafapha a mmuso;

Maikutlo a ho itshetleha ka ba bang (a simollotsweng ke mmuso o fetileng le mokgwa wa mebuso ya mahaeng, mme a ntshetswa pele ke dikema tse kang Massive Food Scheme sa Kapa Botjhabela); 

Bosiyo ba tsebo le bokgoni;

Bosiyo ba batho bao ho ka salwang morao mehlala ya bona – balemi kaofela ke ba tshebetso e nyane kapa ba hlahisang feela tse lekaneng ditlhoko tsa bona; le

Ho itshetleha ka borakonteraka ba temo ba mpefatsang maemo a tlhahiso ka ditshebeletso tse fokolang le ho eketsa ditjeo tsa tlhahiso. 



Jwalo ka Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi, re tsepamisitse maikutlo tlhahisong ya poone. Potso e ka nna ya sala – hobaneng hajwale tsepamiso eo e le pooneng? Mabaka ke ana: 

Poone ke sona sejo se seholo, mme ka hoo, tlhahiso e ntlafaditsweng e ka tlisa paballeho le tshireletso dijong, mme ho se ntse ho le teng mmaraka wa poone (ho tloha mohatong wa poone e tala ho isa dijothollong). 

Poone e hlahiswa ke balemi ba selehae, mme ka baka lena, thahasello e teng hammoho le tsebo ya motheo eo ho ka ahwang hodima yona. 

Poone e ngata e sebediswa hona mona lapeng, mme e bolokwa ke balemi e le poone seqong – e leng taba e qobang tlhokahalo ya teranseporoto, ho omiswa le poloko setorong. 

Poone ka kakaretso ke sejothollo se hlahiswang ha bonolo, mme boholo ba mosebetsi bo ka etswa ka matsoho (ha eba metjhine e le siyo). 

Ha ho etsahala hore poone e teng e be e fetang tekano, poone eo e ka nna ya sebediswa ke lelapa – batho, dikgomo, dinku, ditsuonyana le tsona dikolobe. Poone e lekaneng ya lelapa e ntlafatsa boleng ba bophelo ka mokgwa o bonahalang. 



Hobaneng ha ntshetsopele ya molemi e nka nako e telele hakana? 

Ha ho letho le bonolo ka bolemi, mme balemi ba kgona tse ngata ka ho ipeha kotsing tse kgolo. 

Ditjeo tse phahameng tsa tse sebediswang mobung le diporeisi tse tlase tsa dijothollo di etsa hore ho be boima haholo ho etsa phaello dihlahisweng tse noseditsweng ke pula dikarolong tse ngata tsa Afrika Borwa. 

Ditjeo tsa metjhine di phahame ka ho fetisisa. 

Balemi ba bahwebi, ba nang le boiphihlelo, ba hula ka thata – ba ntseng ba thuthuha bona ba tla etsa jwang? Bona ba tshwere bothata le ho feta. 



Re dumela hore ho sebetsa eng ka hara ntshetsopele ya molemi? 

Bohle ba amehang ba tshwanetse ho sebetsa ka hlompho, ba phehelle ho ntshetsa pele balemi – bolemi bo shebane haholo le molemi ho ena le masimo a hae.

Simolla ka dijothollo tse bonolo, mme hanyane o nne o atamele ho tse nang le mathata. 

Dumella molemi ho simolla ka seo a nang le sona – ho simolla ka masimo a manyane ke taba e seng kotsi. (Hopola hore motho ya ratang ho sebedisa masimo a hae o nnile a tswela pele ho fihlela kajeno ka lethonyana la tjhelete le nnileng la kena. Ha eba motho eo a etsa phaello e nyane hekthareng ya mobu, seo ke tjhelete e ka thoko eo a neng a ke ke a ba le yona. Ka ho simolla hanyane le ho qoba dikotsi, ho etsa se nepahetseng ka nepo, molemi a ka ba le sebete le bokgoni). 

O se ke wa qobella molemi ho sebedisa rakonteraka, empa ho molemo ho mo thusa ho hlokomela disebediswa tsa hae tsa temo le masimo a hae ka seo a ka se kgonang ka boyena. Ho ne ho ka ba molemo haholo ha molemi a ka hirisa karolo ya masimo a hae eo a sa e sebediseng ha yena a ntse a hola kgwebong. 

Ho kenyelletsa moeletsi ke taba e ntle haholo – empa motho ya jwalo ha se mang kapa mang! Moeletsi ke motho eo ruri a ratang ntshetsopele ya motho ya eletswang, ya tla nka nako ho fana ka tsebo le bokgoni ka mamello le tshehetso yohle. Kamano pakeng tsa moeletsi le ya eletswang e tshwanetse ho ba ntle – e thehwe ho tshepaneng le ho hlomphaneng ha batho ba babedi, mme ke taba ya bohlokwa hore batho bana ba babedi ba ikutlwe ba thabile ho kena kamanong ena hobane ena ke yona taba – kamano. Mane Kapa Botjhabela ho boima ho fumana baeletsi hobane ho boima ho fumana batho bao e kileng ya eba balemi ba bahwebi dibakeng tsa mahae. 

Etsa bonnete hore balemi ba dula ba tsebiswa ditaba, mme ba kenyelleditswe mererong. O se ke wa etsa diqeto tse ba amang ntle le bona – “ha ho letho la rona ntle le rona”.

Thusa balemi ho etsa tekolo e phethahetseng ya polasi – masimo, diterekere, disebediswa, metjhine, mehlape, dikoloto, maruo, jwalojwalo. Re tshwanetse ho thusa balemi ka mahlakoreng ohle, mme ba tshwanetse ho utlwisisa ka hohle hore eng ke eng. Mohlala, ke kW efe ya matla eo molemi a nang le yona le hore ke boholo bo bokae ba masimo boo a tla bo kgona ka matla a makaalo? 

Etsa bonnete hore molemi ke karolo ya lenaneo la kwetliso le ntshetsopele. Ho ba molemi ya feletseng ka hohle, ya nang le bokgoni ba ho hweba ke mosebetsi wa nako e telele, mme diinstitushene tse ngata tse fapaneng di ka kenya letsoho mosebetsing ona. 







